Esthere 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)Letsoso la Bajuda. — Ba itima dijo. 1 Eitse ha Mordekai a tseba tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe le molora, mme a tswela hara motse, a ntse a howa ka mehoo e phahameng, e bohloko. 2 A fihla jwalo pela monyako wa morena, hobane motho ya apereng lesela le mahwashe o ne a sa dumellwe ho kena ka monyako wa morena. 3 Naheng e nngwe le e nngwe, nqalong tsohle moo lentswe la morena le taelo ya hae di fihlang teng, hlomoho ya eba kgolo ho Bajuda, le ho itima diho, le dillo, le ho bokolla; mme lesela le mahwashe le melora ya eba malao a ba bangata. 4 Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela. 5 Yaba Esthere o bitsa Hathake, le leng la matona a beilweng ke morena pela hae, a mo laela hore a ye ho Mordekai, a tle a utlwe taba e leng teng le lebaka la taba eo. 6 Hathake a tswela ho Mordekai a le lepatlelong la motse le pela monyako wa morena. 7 Mordekai a mo tsebisa tsohle tse mo hlahetseng, a mo lekanyetsa le ditjhelete tseo Hamane a itseng, o tla di ntshetsa bobolokelo ba morena sebakeng sa Bajuda, hore a ba timetse. 8 A mo nea le kopi ya lengolo la taelo e entsweng Susane ya ho ba timetsa, a tle a le bontshe Esthere, mme a mo tsebise tsohle; hape, a laela Esthere ho kena ho morena a tle a mo rapedisise, a rapelle setjhaba sa habo ho yena. 9 Mme Hathake a tla, a tsebisa Esthere mantswe a Mordekai. 10 Yaba Esthere o bua le Hathake, a mo laela hore a isetse Mordekai lentswe le reng: 11 Bahlanka bohle ba morena le setjhaba sa dinaha tsa morena, ba tseba hoba motho, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, ha a ka kena ho morena lebaleng le kahare a sa bitswa, molao o teng o sa fetoheng o laelang hore a bolawe, haese ha morena a ka mo nanabelletsa lere la hae la kgauta, a tle a phele; athe nna ha ke eso ho bitswe hore ke kene ho morena e se e le tshiu tse mashome a mararo. 12 Taba tsa Esthere tsa iswa ho Mordekai. 13 Yaba Mordekai o laela hore Esthere a fetolwe ka ho re: O se ke wa lekanya pelong ya hao hobane o tla phonyoha leha o le tlung ya morena, ho feta Bajuda bohle; 14 hobane, leha o ka ikgutsetsa nakong ena, thuso le ho namolelwa di tla hlahela Bajuda, di etswa hosele; haele wena le ntlo ya ntatao, le tla timela; ho tseba mang ha ekaba hase ka baka la nako e kang ena o fihlileng bofumahading! 15 Yaba Esthere o laela hore Mordekai a arajwe ka ho re: 16 Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele. 17 Mordekai a tloha, a ya etsa kahohle kamoo Esthere a mo laetseng kateng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa