Esthere 10 - Sesotho 1909/1961 (SO)Boholo ba Mordekai. 1 Morena Assueruse a ntshisa lefatshe la hae le dihlekehleke tsa lewatle lekgetho. 2 Haele mesebetsi yohle ya matla a hae, le diketso tsa hae tse phahameng, leha e le qaqiso ya boholo ba Mordekai, kamoo morena a kileng a mo phahamisa kateng, ha ke re, taba tseo di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa marena a Media le Persia? 3 Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa