Eksoda 7 - Sesotho 1909/1961 (SO)Dikotlo tse leshome. 1 Jehova a re ho Moshe: Bona, ke o beile Modimo ho Faro, mme Aarone moholwane wa hao, e tla ba moporofeta wa hao. 2 O tla pheta tsohle tseo ke o laelang tsona, mme Aarone, moholwane wa hao, o tla bolella Faro, a tle a lesele bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la hae. 3 Mme nna, ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke atise dipontsho tsa ka le dimakatso tsa ka naheng ya Egepeta. 4 Faro ha a ka ke a le utlwa, mme ke tla bea letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntshe makgotla a ka, e leng setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, lefatsheng la Egepeta ka dikahlolo tse kgolo. 5 Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke otlolla letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntsha bana ba Iseraele mahareng a bona. 6 Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo. 7 Moshe o ba a na le dilemo tse mashome a robileng meno e mmedi, Aarone a na le tse mashome a robileng meno e mmedi a metso e meraro, mohla ba buang le Faro. 8 Jehova a bolella Moshe le Aarone, a re: 9 Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha. 10 Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha. 11 Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona. 12 E mong le e mong a lahlela lere la hae, mme mare a fetoha dinoha, empa lere la Aarone la kwenya mare a bona. 13 Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse. 14 Jehova a re ho Moshe: Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba. 15 Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha; 16 o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe. 17 Ho thwe ke Jehova: O tla tseba ka hona hoba ke nna Jehova: Ke tla otla metsi a noka ka lere le letsohong la ka, mme a tla fetoha madi. 18 Dihlapi tse nokeng di tla shwa, noka e be sebodu, mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a noka. 19 Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Nka lere la hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, hodima melatswana ya bona, le dinoka tsa bona, hodima matsha le metsi wohle a bona a emeng, a tle a fetohe madi; madi a be teng naheng yohle ya Egepeta, dinkgong tsa mahong le tsa majwe. 20 Yaba Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; a emisa lere la hae, a otla metsi a noka pontsheng ya Faro le pontsheng ya bahlanka ba hae; mme metsi kaofela a noka a fetoha madi. 21 Dihlapi tse nokeng tsa eshwa, noka ya eba sebodu, mme Baegepeta ba sitwa ho nwa metsi a noka; mme madi a eba teng naheng yohle ya Egepeta. 22 Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse. 23 Faro a kgutla, a ya ka tlung ya hae; taba ena ha a ka a e ela hloko. 24 Baegepeta kaofela ba tjheka mathokong a noka, ho batla metsi a nowang, hobane ba ne ba sitwa ho nwa metsi a noka. 25 Ha feta matsatsi a supileng hobane Jehova a otle noka. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa