Eksoda 6 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jehova o tshepisa Baiseraele hore o tla ba lwela ho Faro. 1 Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae. 2 Modimo wa bua le Moshe, wa re ho yena: Ke nna Jehova. 3 Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova. 4 Hape, ka na ka tiisa selekane sa ka le bona ho ba nea lefatshe la Kanana, lefatshe la ho jaka ha bona, leo ba bileng ba ahella ho lona. 5 Ke bile ke utlwile ho dumaela ha bana ba Iseraele, kamoo Baegepeta ba ba entseng makgoba kateng, mme ke hopotse selekane sa ka. 6 Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo. 7 Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta. 8 Ke tla le isa naheng eo ke emisitseng letsoho la ka, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; ke tla le nea yona, e be lefa la lona; ke nna Jehova. 9 Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata. 10 Jehova a bua le Moshe, a re: 11 Eya, o bolelle Faro, morena wa Egepeta, hore a lesele bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae. 12 Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata? 13 Jehova a bua le Moshe le Aarone, a ba nea molaetsa ho bana ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, ho ntsha bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta. Leloko la Moshe le la Aarone. 14 Dihlooho tsa matlo a bontata bona ke tsena: Bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele: Henoke, Pallu, Hetsrone le Karmi. Mefuta ya Rubene ke yona eo. 15 Bara ba Simeone: Jemuele, Jamine, Ohade, Jakine, le Tsohare; le Saule, mora wa mosadi wa Mokanana; ke yona mefuta ya Simeone. 16 Mabitso a bara ba Levi ka masika a bona ke ana: Gershone, Kehathe le Merari; mme dilemo tsa ho phela ha Levi tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. 17 Bara ba Gershone: Libni le Shimei, ka masika a bona. 18 Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro. 19 Bara ba Merari: Makli le Mushi. Ke yona mefuta ya Balevi ka masika a yona. 20 Amrame o ne a nyetse Jokebede, rakgadiae, mme a mo tswalla Aarone le Moshe. Dilemo tsa ho phela ha Amrame tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng. 21 Bara ba Jitsehare: Kore, Nefege le Sikri. 22 Bara ba Usiele: Mishaele, Eltsafane, le Sithri. 23 Aarone o ne a nyetse Elisheba, moradi wa Amminadabe, kgaitsedi ya Nashone, mme a mo tswalla Nadabe le Abihu, Eleasare, le Ithamare. 24 Bara ba Kore: Assire, le Elkana, le Abiasafe; ke yona meloko ya Bakore. 25 Eleasare, mora Aarone, a nyala e mong wa baradi ba Puthiele, mme a mo tswalla Finease. Ke tsona dihlooho tsa bontata Balevi ka masika a bona. 26 Ke bona boAarone le Moshe, bona bao Jehova a itseng ho bona: Ntshang bana ba Iseraele Egepeta ka makgotla a bona. 27 Ke bona ba neng ba bue le Faro, morena wa Egepeta, hore bana ba Iseraele ba tswe Egepeta. E, ke bona Moshe le Aarone. 28 Mohla Jehova a buang le Moshe naheng ya Egepeta, 29 Jehova a bolella Moshe, a re: Ke nna Jehova. Bolella Faro, morena wa Egepeta, tsohle tseo ke o boleletseng tsona. 30 Moshe a bua pela Jehova, a re: Ke motho ya molomo o thata; Faro o tla nkutlwa jwang? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa