Eksoda 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)Jethro o etela Moshe. 1 Jethro, moprista wa Midiane, mohwehadi wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo o di etseditseng Moshe le Iseraele, setjhaba sa wona, le hoba Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta. 2 Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe o nka Sefora, mosadi wa Moshe, eo a neng a mo rometse hae; 3 a nka le bara ba hae ba babedi, lebitso la e mong e le Gershome, hobane a na a itse: Ke bile mojaki naheng esele; 4 lebitso la e mong e le Eliesere, hobane a na a itse: Modimo wa ntate ebile thuso ya ka, mme o nnamoletse lerumong la Faro. 5 Jethro, mohwehadi wa Moshe, a tla le bara ba Moshe le mosadi wa hae ho yena lefeelleng, moo a neng a emisitse teng thabeng ya Modimo. 6 A tsebisa Moshe, a re: Nna, Jethro, mohwehadi wa hao, ke tla ho wena ke na le mosadi wa hao, le bara ba babedi ba hae bao a nang le bona. 7 Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng. 8 Yaba Moshe o phetela mohwehadi wa hae tsohle tseo Jehova a di entseng ho Faro le ho Baegepeta ka baka la Iseraele, le ditsietsi tsohle tseo ba hlahetsweng ke tsona tseleng, le kamoo Jehova a ba ntshitseng ho tsona kateng. 9 Jethro a itumela ka baka la molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Iseraele, ha a ba namoletse letsohong la Baegepeta. 10 Jethro a re: Ho bokwe Jehova ya le namoletseng letsohong la Baegepeta le letsohong la Faro, ya namoletseng setjhaba letsohong la Baegepeta. 11 Jwale, ke a tseba hobane Jehova o moholo ho medimo e meng kaofela, hobane o ba hlotse tabeng eo ba neng ba ikgantshitse ka yona. 12 Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo. 13 Hosasane, Moshe a dula ho ahlolela sejhaba; setjhaba sa ema pela Moshe ho qala hosasa, ho isa mantsiboya. 14 Eitse ha mohwehadi wa Moshe a bona tsohle tseo a di etsetsang setjhaba, a re: Taba eo o e etsetsang setjhaba ke efe? O dula o nnotshi ka baka lang, mme setjhaba sohle se emetseng pela hao ho qala hosasa ho fihlela mantsiboya? 15 Yaba Moshe o re ho mohwehadi wa hae: Ke hobane setjhaba se tla ho nna ho botsa Modimo. 16 Mohla ba nang le nyewe, ba ye ba tle ho nna, mme ke ye ke ahlolele e mong le e mong, ke ba tsebise ditaelo tsa Modimo le melao ya wona. 17 Yaba mohwehadi wa Moshe o re ho yena: Taba eo o e etsang ha e molemo. 18 O ta kgathala ruri, wena le setjhaba sena se nang le wena, hobane mosebetsi o ya o imela, o ka sitwa ho o phetha o nnotshi. 19 Mamela jwale lentswe la ka, ke o eletse, mme Modimo o be le wena! A e be wena ya emang pela Modimo bakeng sa setjhaba, e be wena ya isang ditaba ho Modimo. 20 O ba rute ditaelo le melao, o ba tsebise tsela eo e ka khonang ba ye ka yona, le seo ba tshwanetseng ho se etsa. 21 O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome. 22 Ba ahlolele setjhaba kamehla; nyewe tse kgolo kaofela ba di tlise ho wena, dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlole e le bona, ba o imolle, ba jare hammoho le wena. 23 Ekare ha o ka etsa taba ena, mme Modimo ha o ka o laela yona, o tla tseba ho tiya, le setjhaba sena kaofela se tla finyella nqalong ya sona ka kgotso. 24 Yaba Moshe o mamela keletso ya mohwehadi wa hae, a etsa tsohle tseo a mmoleletseng tsona. 25 Moshe a kgetha hara Iseraele kaofela banna ba loketseng, a ba bea dihlooho tsa setjhaba, balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano, le balaodi ba mashome. 26 Ba nna ba ahlolela setjhaba kamehla; dinyewe tse thata ba di tlisa ho Moshe, empa dinyewe tsohle tse nyenyane ba di ahlola e le bona. 27 Moshe a ntoo dumedisana le mohwehadi wa hae, mme eo a boela naheng ya habo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa