Diproverbia 8 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ana bohlale ha bo howe na? Le kutlwisiso ha e phahamise lentswe la yona na? 2 Bo eme diphahameng, le ditseleng, le mapatlelong. 3 Ba howa kgotla, pela dikgoro tsa motse, le hara mapatlelo; 4 bo re: Helang! batho ba baholo, ke bitsa lona, mme lentswe la ka le batla lona, bana ba batho. 5 Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso. 6 Mamelang, hoba ke tla bua tse kgolo, melomo ya ka e hlahise tse lokileng. 7 Hobane leleme la ka le bolela nnete; bokgopo bo manyala molomong wa ka. 8 Dipolelo tsohle tsa molomo wa ka di lokile: ho tsona ha ho na letho le sokameng, le kgelohileng. 9 Tsohle ke tse utlwahalang ho motho ya nang le kelello, di lokile ho ya fumaneng tsebo. 10 Amohelang thuto ya ka ho fetisa silefera, le tsebo ho fetisa kgauta e hlwekileng. 11 Hobane bohlale ke ntho ya bohlokwa ho fetisa diperela, mme tsohle tse hlokolotsi ha di na le ho bapiswa le bona. 12 Nna, bohlale, ke ahisane le masene; tsebo ya dikelello tsa hlalefo e fihlelwa ka nna. 13 Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo; 14 keletso le hlalefo ke tsa ka, le wona masene le matla a ho nna. 15 Ke ka nna marena a renang; esale ka nna mahosana a laelang ka ho loka. 16 Babusi ba busa ka nna; ho jwalo le baholo le baahlodi bohle ba lefatshe. 17 Ke rata ba nthatang; ba mpatlang e sa le kameso, ba tla mphumana. 18 Menono le hlompho di ho nna, maruo a sebele le hona ho loka. 19 Tholwana ya ka e monate ho fetisa kgauta, leha e ka ba kgauta e hlwekileng; tse kotulwang ho nna di feta silefera e hlwekileng. 20 Ke tsamaisa motho tseleng ya ho loka le mmileng o tatametseng. 21 Ke ruisa ba nthatang mafa a dintho tse sa feleng, ke tlatsa dipolokelo tsa bona. 22 Jehova o mpopile ho qaleng ha ditsela tsa hae, mesebetsi ya hae e eso ho be teng, boholoholo. 23 Ke beilwe borena mehla e eso ho qalehe, lefatshe le eso ho ka le eba teng. 24 Ka hlahiswa mawatle a sa le siyo, le tsona didiba tse kollang metsi a mangata. 25 Ke hlahile dithaba di eso ho ka di thewa, le maralla a sa le siyo; 26 Jehova a eso ho etse lefatshe, le dinaha, leha e le tholenyana ya lerole la lefatshe. 27 Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi; 28 mohla a tiisang maru hodimo; mohla a bilosang mehlodi ya madiba; 29 le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe. 30 Mehleng eo, ke ne ke le motlatsi wa hae, ke thabile ka matsatsitsatsi, ke nyakaletse pela sefahleho sa hae kamehla; 31 ke ne ke thabela lefatshe la ho aha ha batho; ke thabela le bana ba batho. 32 Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka. 33 Mamelang thuto, le tle le hlalefe, le se ke la e kgeloha. 34 Ho lehlohonolo motho ya nkutlwang, ya lebelang menyako ya ka ka metsotso yohle, ya fadimehang mathuleng a monyako wa ka. 35 Hobane ya mphumanang o fumane bophelo, mme o tla bona mohau ho Jehova. 36 Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa