Diproverbia 31 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Dipolelo tsa morena Lemuele: kgothatso tseo mmae a kileng a mo ruta tsona. 2 Keng, mora wa ka! keng, mora wa mpa ya ka! Oho ke tla reng, ngwana wa dikano tsa ka? 3 Se neele basadi matla a hao, se latele basadi ba timetsang marena. 4 Hase marena, Lemuele, hase marena a loketseng ho rata veine, leha e le mahosana ho lakatsa jwala bo tahang; 5 esere mohlomong ba lebala molao, mme ba fosisa nyewe ya motshwenyehi e mong le e mong. 6 Jwala bo tahang le bo nee motho ya ya timela, le veine le e nose motho ya pelo e hlomohileng; 7 hore a nwe, a lebale bofumanehi ba hae, a se ke a hlola a hopola bomadimabe ba hae. 8 Molomo wa hao o o ahlamisetse semumu, mme o emele nyewe tsa bohle ba lahlilweng. 9 Ahlamisa molomo, o ahlole ka ho loka, o ahlolele ya madimabe le mofutsana. 10 Mosadi ya kgabane ke mang ya tla mo fumana? Ke ya bohlokwa ho fetisa diperela hole. 11 Pelo ya monna wa hae e a mo tshepa, mme a ke ke a hlokiswa leruo. 12 O mo etsa hantle, e seng hampe, ka matsatsi wohle a ho phela ha hae. 13 O ipatlela boya ba dinku le lene, mme o sebetsa ka matsoho ka thabo. 14 O tshwana le dikepe tsa mohwebi, o lata bohobe ba hae hole. 15 O tsoha e sa le bosiu, o abela ba ntlo ya hae dijo, le makgabunyane a hae mesebetsi. 16 O kgahlwa ke tshimo, a ye a e reke; ka tseo a di sebeleditseng, o hloma tshimo ya merara. 17 O itlama letheka ka matla, mme o matlafatsa matsoho a hae. 18 O thabela leruo la mahlahahlaha a hae; le bosiu lebone la hae ha le time. 19 Matsoho a hae a tshwara thupa ya ho ohla, menwana ya hae e tsamaisa thupa e etsang ditshwele. 20 O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki. 21 Ha a tshohe lehlwa bakeng sa ba ntlo ya hae, hobane ba ntlo ya hae bohle ba apere dikobo tse futhumetseng. 22 O itohela diphate tse ntle; ho apara ha hae ke lene le sekarelata. 23 Monna wa hae o tsejwa kgorong ya motse, ha a dutse hara banna ba baholo ba setjhaba. 24 O etsa masela a lene, o rekisa ka wona, le dinyepa o rekisa ka tsona ho mohwebi. 25 Matla le hlompho ke seaparo sa hae, o tsheha letsatsi la hosasane. 26 O ahlamisa molomo wa hae ka bohlale, molao o mosa o lelemeng la hae. 27 O alosa ntlo ya hae, ha a je bohobe ba botswa. 28 Bara ba hae ba tsoha, mme ba mmitsa ya lehlohonolo. Monna wa hae le yena o a mo rorisa, 29 o re: Baradi ba bangata ba bile kgabane, empa wena, o ba feta bohle. 30 Kgahleho e a thetsa; botle ke bosawana! Mosadi ya tshabang Jehova ke yena ya tla roriswa. 31 A ke a je tholwana tsa matsoho a hae, mme mesebetsi ya hae e mo rorise kgorong tsa motse. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa