Diproverbia 28 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Motho e mobe o a balehe, leha a sa phallelwe, empa ba lokileng ba iketlile jwaloka tau e ntjha. 2 Ha setjhaba se kenwa ke bokwenehi, marena a ba mangata; empa mmuso o tiya ka monna ya masene, wa ditaba. 3 Mohloki ya busang mafutsana, ke sekgohola se sa siyeng bohobe. 4 Ba sa reng letho ka molao ba rorisa ba babe; empa ba o bolokang ba ba lwantsha. 5 Ba babe ha ba utlwisise se lokileng; empa ba batlang Jehova ba utlwisisa ditaba tsohle. 6 Mofumanehi ya tsamayang ka bokgabane ba hae o fetisa ya ditsela tse kgopo, leha a ruile. 7 Ya bolokang molao ke ngwana ya hlalefileng, empa ya itlwaetsang manyolonyolo o hlabisa ntatae dihlong. 8 Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi. 9 Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala. 10 Ya tjhatjhehisang ba lokileng ho ba kgelosetsa tseleng e mpe, e tla ba yena ya welang lemeneng leo a le tjhekileng; ba lokileng bona ba tla ja lefa la lehlohonolo. 11 Morui o bohlale mahlong a hae, empa o lemohuwa ke mofutsana ya kelello. 12 Mohla ba lokileng ba hlolang, boiketlo bo teng; empa ba babe ha ba phahama, ho ipatwa ke batho. 13 Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau. 14 Ho lehlohonolo motho ya letswalo kamehla! Ya ithatafatsang pelo o tla wela bobeng. 15 Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng. 16 Morena ya se nang temoho ke motshwenyi e moholo; empa ya hloileng ho ja batho o tla eketsa ditshiu tsa ho phela ha hae. 17 Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara. 18 Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe. 19 Ya itemelang tshimo o tla kgora bohobe, empa ya tlwaelang mahlaswa o tla kgora bofuma. 20 Motho ya tshepehang o ruile mahlohonolo; empa ya ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato. 21 Ho ya ka tshobotsi tsa batho hase ntho e ntle; esita ka baka la leqhetswana la bohobe motho a ka tlola molao. 22 Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo. 23 Ya kgalemelang batho, hamorao o tla ratwa haholo ho fetisa ya ba qekisang. 24 Ya utswang tsa ntatae le mmae, mme a re, hase molato, ke wa habo basenyi. 25 Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora. 26 Ya itshepelang pelo ya hae ke lehlanya; empa ya tsamayang bohlaleng, o tla pholoha. 27 Ya sitsang bafumanehi a ke ke a hloka; haele ya itutubatsang mahlo, ho tla ata dithohako ho yena. 28 Ha ho phahama ba babe, eba batho ba ipata; mohla ba timelang, eba ba lokileng ba ngatafala. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa