Diproverbia 27 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 O se ke wa ithorisa ka letsatsi la hosasane, hobane ha o tsebe se tla hlahiswa ke letsatsi leo. 2 Ya o rorisang e be e mong, e seng leleme la hao; e be osele ho wena, e seng molomo wa hao. 3 Lejwe le boima, le lona lehlabathe, empa hlonamo ya lehlanya e di feta tse pedi. 4 Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona? 5 Kgalemelo ya pepeneneng e ntle ho feta lerato le patwang. 6 Maoma a etswang ke motswalle a tshepeha, empa dikako tsa ba o hloileng di a tshabeha. 7 Motho ya kgotsheng o hatakela dinotshi ka maoto; empa ya lapileng, se babang se monate ho yena. 8 Motho ya furaletseng hae ha hae, o jwaloka nonyana e lelerang hole le ntlo ya yona. 9 Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa. 10 O se ke wa furalla motswalle wa hao, leha e le motswalle wa ntatao; mme o lese ho ya ha ngwaneno mohla o leng tsietsing. Eo le ahisaneng hammoho le yena o feta ngwaneno ya leng hole. 11 Mora wa ka, hlalefa, o nthabise pelo, mme ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang. 12 Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; mawatla a feta feela, mme a hlahelwa ke tsietsi. 13 Mo amohe kobo, hobane o itlamile ka molato wa e mong; mo ntshise tebeletso ya melato ya basele. 14 Ya rorisang motswalle wa hae e sa le kameso ka lentswe le phahameng, ba ya re, o a mo hlapaola. 15 Metsi a rothang dintshing tsa marulelo a ntlo, a sa kgaotse mohla sekgohola, le mosadi ya dikomang, ke ntho e le nngwe. 16 Ya ka lekang ho mo phoka, a ka kgutsisa moya; letsoho la hae le letona le ka tshwara ole. 17 Tshepe e leotsa tshepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motswalle wa hae jwalo. 18 Ya disang sefate sa feiye o tla ja tholwana ya sona, ya bolokang monga hae hantle o tla hlomphuwa. 19 Jwalokaha sefahleho se iponang metsing se tshwana le sefahleho, pelo ya motho e tshwana jwalo le pelo ya motho e mong. 20 Nqalo ya bafu le dihele ha di na ho kgora, mahlo a motho le wona ha a kgore. 21 Pitsa ya lesehla e qhibidisa silefera, sebopi se bedisa kgauta; motho a leke jwalo molomo o mo rorisang. 22 Leha o ka tulela lehlanya ka mokgobo, wa le sila ka tshilo le mabele a silwang, le teng bohlanya bo ke ke ba le tlohela. 23 O lekole dinku tsa hao hantle, mme o hlahlobe mohlape wa hao hantle. 24 Hobane nala hase ya kamehla, le borena ha bo hlolehe kamehla le mehla. 25 Jwang bo a bokellwa, botala bo a hlaha, mme ho latwa jwang dithabeng; 26 dikonyana di tla o apesa, diphooko di o rekele tshimo, 27 mme lebese la dipodi e tla ba dijo tsa hao, le tsa ntlo ya hao, le tsa makgabunyane a hao. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa