Diproverbia 25 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 E sa le tsona dipolelo tsa Salomone tse ngodilweng ke batho ba Esekiase, morena wa Juda. 2 Kganya ya Modimo ke ho bea ditaba sephiring, empa ho di batlisisa ke kganya ya marena. 3 Ho phahama ha lehodimo le ho teba ha lefatshe, le dipelo tsa marena, ha di na ho fuputswa. 4 Ha o tlosa manya silefereng, lelala le tla etsa pitsa ka yona; 5 ha o tlosa molotsana pela morena, terone ya hae e tla tiiswa ke ho loka. 6 O se ke wa ikakasa pela morena, o se ke wa dula ditulong tsa ba baholo. 7 Hobane ho ka ba hotle ha ho ka thwe ho wena: Nyolohela mona; e seng hore ba o kokobetse pela morena eo o mmonang ka mahlo. 8 O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno. 9 Leha o tseka le wa heno, o se ke wa phunya lekunutu la e mong, 10 esere mohlomong ya utlwang a o nyatsa, a o apesa ka dihlong tse o kgomarelang. 11 Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera. 12 Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng. 13 Lenqosa le tshepehang ho ba le romileng, le jwaloka lehlwa le tsedidi mohla kotulo, le phodisa pelo ya morena wa lona jwalo. 14 Ya ithorisang ka ho fana ha leshano, o jwaloka maru le moya o fokang, pula e le siyo. 15 Morena o hlolwa ka sebete, mme leleme le bonolo le roba masapo. 16 Na o fumane dinotshi? O di je ka tekano, esere mohlomong wa tenwa, mme wa di hlatsa. 17 O se ke wa itlwaetsa haholo lapeng le wa heno, esere mohlomong a tenwa ke wena, a ba a o hloya. 18 Motho ya pakang leshano ho senya wa habo, ke molamu, le lerumo, le motsu o ntjhotjho. 19 Molotsana eo o mo tshepileng mohla tsietsi, ke leino le robehileng le leoto le tetemang. 20 Ho hlobola kobo mohla ho hatsetseng, le ho tshela asene ka letobola, ke ho hlabela pelo e hlomohileng dipina tsa menyaka. 21 Ekare ha sera sa hao se lapile, se fe ho ja bohobe; ha se nyorilwe, o se nee metsi, se nwe; 22 e tla ba mashala a hlenneng ao o a bokellang hloohong ya sona, mme Jehova o tla o putsa. 23 Moya wa leboya o hlahisa pula, mme leleme le sebang le hlahisa sefahleho se halefileng. 24 Ho ikahela ntlheng ya marulelo a ntlo, ho molemo ho ena le ho dula ka tlung e kgolo le mosadi ya omanang. 25 Taba tse monate tse tswang naheng e hole, di jwaloka metsi a phodileng ho motho ya nyorilweng. 26 Sediba se dukehileng, le mohlodi o katehileng, di ka motho ya lokileng ya tetemang pela moetsadibe. 27 Ho kgora dinotshi tse ngata hampe ha ho monate; ho jwalo ba ipatlelang hlompho, ba imelwa ke yona. 28 Motho ya hlolwang ke ho busa pelo ya hae, ke motse o kenweng ke dira, o se nang lerako. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa