Diproverbia 23 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Ha o dula ho ya le morena, lemohisisa se beilweng pela hao; 2 o ikgaole mmetso ka thipa, ha o hlotswe ke ho lapa. 3 Se lakatse dijo tsa hae tse hlabosehang; ke bohobe bo thetsang. 4 O se ke wa ikgathatsa ho bokella leruo; tlohela kgopolo ya teng. 5 O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu. 6 O se ke wa ja bohobe ba lekgonatha, o se ke wa lakatsa tse monate tsa lona. 7 Hobane kamoo le nahanang pelong ya lona kateng, le jwalo. Le tla re ho wena: Ja, o nwe; empa pelo ya lona ha e ho wena. 8 Mothamo oo o o jeleng o tla o hlatsa, mme dipolelo tse ntle tsa hao etlaba di lahlehile. 9 O se ke wa bua ha lewatla le utlwa, hobane le ka nyedisa hlalefo ya ditaba tsa hao. 10 O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale, o se ke wa kena tshimong ya dikgutsana; 11 hobane mophetetsi wa tsona o matla, o tla di emela, a di lwanele. 12 Neela thuto pelo ya hao, o sekehele ditaba tsa bohlale ditsebe tsa hao. 13 Se time ngwana kgalemelo; leha o mo shapa ka thupa, a ke ke a shwa: 14 o tla mo shapa ka thupa e le wena, o lopolle moya wa hae nqalong ya bafu. 15 Moya wa ka, ha pelo ya hao e hlalefa, pelo ya ka le yona e tla thaba. 16 Mme ke tla nyakalla kahare ho nna, ha o bua ka ho loka ka melomo ya hao. 17 Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla, 18 hobane efela moputso o teng, mme tshepo ya hao e ke ke ya etswa lefeela. 19 Mamela, wena, mora ka, o hlalefe, o lebise pelo ya hao tseleng eo. 20 O se ke wa tlwaela manwajwala le manyolonyolo; 21 hobane letahwa le lenyolonyolo ba ipakela bofuma; mme ho rata boroko ho apesa motho maharaswa. 22 Mamela ntatao ya o tswetseng, o se ke wa nyedisa mmao, ha a tsofetse. 23 Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello. 24 Ntata ya lokileng o tla nyakalla haholo; ya tswetseng ngwana ya bohlale o tla thaba ka yena. 25 A a ke a thabe, ntatao, le yena mmao; a nyakalle, ya o belehileng. 26 Ngwana ka, mphe pelo ya hao, mahlo a hao a kgahlwe ke tsela tsa ka. 27 Hobane seraburabu ke lemena le tebileng, mme mosadi wa seotswa ke mokoti o patisaneng. 28 O lalla monna jwaloka hoja ke phoofolo e tsongwang, mme o atisa dihlola hara banna. 29 Bomadimabe ke ba mang na? Jo nna! Jo nna! ke tsa mang? Dikomang ke tsa mang? Dillo ke tsa mang? Maoma a feela ke a mang? Ke a mang mahlo a mafubedu na? 30 Ke a ba qenehelang ho nwa, ba hlanyetsang veine e tswakilweng. 31 O se ke wa tadima veine ha e le kgubedu, ha e phophoma lefiswaneng, leha e theohela mmetsong hamonate. 32 Ho felleng, e loma jwaloka noha, e hlaba jwaloka marabe. 33 Mahlo a hao a tla tadima diraburabu, mme pelo ya hao e tla bolela tse kgopo; 34 o be jwaloka motho ya robetseng bodibeng ba lewatle, le jwaloka ya robetseng ntlheng ya sefate sa sekepe. 35 Ke hona o tla re: Ba nkotlile, athe ha ke a ka ka utlwa bohloko, ba nkentse maoma, athe ha ke a ka ka tseba! ... ke tla tsoha neng, ke boele ke batle hoo hape? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa