Diproverbia 22 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Botumo bo fetisa maruo a maholo, hlompheho le yona e fetisa silefera le kgauta. 2 Morui le mofumanehi ba kgahlana hammoho; ya ba entseng ba babedi ke Jehova. 3 Motho ya pelokeletsi o bonela kotsi pele, mme o a itshireletsa; empa ya leebelo yena o ya pele, mme o wela tsietsing. 4 Moputso wa boikokobetso le wa ho tshaba Jehova ke leruo, le kganya, le bophelo. 5 Meutlwa le difi di ka tseleng ya motho ya kgopo; ya itisang moya o tla di sesefa. 6 Ruta mohlankana tsela eo a tshwanetseng ho e tsamaya; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kgeloha. 7 Morui o busa mafutsana, mme ya adimang ke mofo wa eo a adimileng ho yena. 8 Ya jalang bokgopo o tla kotula matshwenyeho, mme thupa ya kgalefo ya hae e tla fela. 9 Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae. 10 Lelekisa mosomi, mme komang e tla tswa, phapang e dihlong e fele. 11 Ya ratang ho hlweka ha pelo, le ya nang le molomo o motle, ke baratuwa ba morena. 12 Mahlo a Jehova a fadimehela tsebo, empa o fedisa ditaba tsa mothetsi. 13 Motho wa sekgoba o re: Tau e teng kantle, nka bolawa mapatlelong. 14 Molomo wa basadi ba diraburabu ke lemena le tebileng; ya manyala ho Jehova o tla wela teng. 15 Bohlanya bo tlameletswe pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ho yona. 16 Ya tubang mofutsana ho eketsa leruo la hae, mme a fana le barui, o tla wela bofumeng ruri. 17 Sekeha tsebe, o mamele dipolelo tsa ba bohlale, o neele pelo ya hao tsebo ya ka. 18 Ho hotle ha o di boloka pelong ya hao, di ntse di dutse hammoho molomong wa hao. 19 Kajeno ke o rutile, wena ka sebele, hore o bee tshepo ya hao ho Jehova. 20 Na ha ke a ka ka o ngolla ditaba tse molemo, tsa keletso le tsa tsebo, 21 ho o ruta dipolelo tsa nnete, o tle o tsebe ho araba ka nnete ho ba o romileng? 22 O se ke wa ja mofutsana ka hoba e le mofutsana, o se ke wa pitla mohlomohi kgotla; 23 hoba Jehova o emela nyewe tsa bona, mme ba ba jeleng o tla ba amoha bophelo. 24 O se ke wa tlwaelana le motho ya bohale, o se ke wa tsamaya le ya hlonamang, 25 esere mohlomong wa ithuta mekgwa ya hae, wa fumana leraba le ka tshwasang moya wa hao. 26 O se ke wa ya le ba phathatsanang ka matsoho, ba itlamang ka melato ya ba bang; 27 ba ka inkelang diphate tseo o di robetseng, ha o ka hloka seo o lefang ka sona. 28 O se ke wa suthisa mokolokotwane wa kgale o beilweng ke bontatao. 29 Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa