Diproverbia 15 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa. 2 Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya. 3 Mahlo a Jehova a dinqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle. 4 Molomo o motle ke sefate sa bophelo; haele o kgopo, o sohlokanya moya. 5 Lehlanya le nyedisa thuto ya ntata lona, empa ya mamelang tayo o a hlalefa. 6 Ka tlung ya motho ya lokileng ho na le matlotlo; empa leruo la e mobe lona ke pelaelo. 7 Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang. 8 Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng. 9 Tsela ya e mobe ke manyala ho Jehova; empa o rata ya phehellang ho loka. 10 Tayo e bohloko ho ya kgelohileng tsela, mme ya e hloileng o tla timela. 11 Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho. 12 Monyefodi ha a rate ya mo kgalemelang; ha a kopane le ba bohlale. 13 Pelo e thabileng e edisa sefahleho; empa moya o kgathala ke bohloko ba pelo. 14 Pelo ya motho ya masene e sela tsebo; empa molomo wa mawatla o ikgorisa bosawana. 15 Ho motho ya hlomohileng matsatsi a ba mabe kaofela; empa pelo e tshweu ke mokete wa kamehla. 16 Leruonyana le lenyenyane la ya tshabang Jehova le fetisa maruo a maholo a nang le dipelaelo. 17 Ho ja meroho feela moo lerato le leng teng, ho monate ho ena le ho ja kgomo e nonneng, moo ho nang le hloyano. 18 Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang. 19 Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng. 20 Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae; empa ngwana ya lehlanya o nyedisa mmae. 21 Bohlanya ke thabo ho ya se nang kelello; empa motho ya temoho o tsamaya ka ho sasamala. 22 Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata. 23 Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang! 24 Ho ya masene tsela ya bophelo e nyolosetsa hodimo, e mo phemisa nqalo ya bafu e katlase. 25 Jehova o ripitla ntlo ya baikgohomosi; empa o tiisa mekolokotwane ya tshimo ya mosadi wa mohlolohadi. 26 Mehopolo ya moetsadibe e manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke dipuo tsa ba pelo di hlwekileng. 27 Ya ineelang leruo le sa lokang o sotofatsa ntlo ya hae; haele ya hloileng dimpho tse hokang, o tla phela. 28 Pelo ya motho ya lokileng e nahana karabo; empa molomo wa e mobe o kolla tse mpe. 29 Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng. 30 Ho ela ha mahlo ho thabisa pelo, ho behelwa tse monate ho nontsha masapo. 31 Tsebe e mamelang tayo e pholosang, e tla dula hara bahlalefi. 32 Ya hanang tayo o nyedisa moya wa hae; empa ya mamelang kgalemelo o rua bohlale. 33 Ho tshaba Jehova ke thuto ya bohlale, mme boikokobetso bo etella kganya pele. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa