Diproverbia 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Mosadi ya bohlale o haha ntlo ya hae; empa ya se nang kutlo o e qhaqha ka matsoho a hae. 2 Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa. 3 Molomong wa lewatla, ho na le thupa e otlang boikgohomoso ba lona; empa ba bohlale ba bolokwa ke melomo ya bona. 4 Moo kgomo di leng siyo, mediko e hloka dijo; empa matla a dipholo a ekeletsa leruo. 5 Paki e tshepehang e ke ke ya bolela leshano; empa paki e mano e fefetha mashano feela. 6 Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene. 7 Hlobohana le lewatla, ha o le bona; hobane ha le na molomo o nang le tsebo. 8 Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa. 9 Mawatla a swaswa ka sebe, empa ba lokileng ba thabelana. 10 Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong. 11 Ntlo ya e mobe e tla ripitlwa; empa motlotlwane wa ba lokileng o tla tiya. 12 Mohlomong, ho motho, tsela e nngwe e bonahala e ntse eka e lokile, athe bofello ba yona bo isa lefung. 13 Motho leha a tsheha, pelo ya hae e ntse e hlomohile, mme qetello ya thabo ke maswabi. 14 Ya pelo e ikgakanyang o tla tenwa ke mekgwa ya hae; empa motho ya lokileng o tla thabiswa ke diketso tsa hae. 15 Sethoto se dumela ditaba tsohle; empa ya nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng. 16 Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa. 17 Motho ya bohale o etsa tsa bowatla, mme ya ditaba tse lonya o a hlouwa. 18 Lefa la dithoto ke bowatla; empa ba masene ba tla rwala moqhaka wa tsebo. 19 E mobe o inama pela motho ya molemo, le ba lonya pela monyako wa ba lokileng. 20 Mofutsana o ilwa le ke wa habo; empa metswalle ya morui e mengata. 21 Ya nyedisang wa habo o etsa sebe; empa ho lehlohonolo motho ya leng molemo ho mofutsana. 22 Ba rerang bobe ha ba lahlehe na? Empa molemo le nnete ke tsa ba rerang botle. 23 Mosebetsi ka mong o na le moputso; empa ho qamota feela ho qephisa maruo. 24 Maruo a motho ya hlalefileng ke moqhaka wa hae; haele lewatla, bowatla ba lona e ntse e le bowatla. 25 Paki ya nnete e namolela bophelo ba batho; haele ya bohata, e fefetha mashano feela. 26 Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo. 27 Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu. 28 Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena. 29 Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto. 30 Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae. 31 Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa. 32 Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung. 33 Bohlale bo ikahetse ka pelong ya motho ya masene; empa bohare ba mawatla bo a itshenola. 34 Ho loka ho hodisa setjhaba; empa bokgopo bo se apesa ka nyediso. 35 Mohlanka ya hlalefileng o kgahleha ho morena, empa eo o halefela ya hlabisang dihlong. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa