Diproverbia 11 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Sekala sa bohata se hloilwe ke Jehova, empa tekanyo ya nnete e a mo kgahlisa. 2 Ha ho hlaha boikgohomoso, eba dihlong di a hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang. 3 Bokgabane ba ba lokileng bo tla ba tsamaisa; empa bokgopo ba ba babe bo tla ba timetsa. 4 Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung. 5 Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae. 6 Ho loka ha batho ba kgabane ho tla ba pholosa, empa e mobe bokgopo ba hae bo tla mo tshwasa. 7 Mohla ho shwang e mobe, tshepo ya hae e a timela, le yona tebello ya ya sa lokang e a fela. 8 Ya lokileng o lwelwa tsietsing, empa bakeng sa hae ho wela ya sa lokang. 9 Ka molomo wa hae monyefodi o bolaya ba habo, empa ba lokileng ba bolokwa ke tsebo. 10 Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela. 11 Hlohonolofatso ya ba lokileng e haha motse; empa o qhalwa ke melomo ya ba babe. 12 Ya nyedisang wa habo ha a na kelello; empa ya nang le kutlwisiso o a kgutsa. 13 Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba. 14 Setjhaba se dihuwa ke ho hloka dikeletso; poloko e teng ha baeletsi ba le bangata. 15 Ya itlamellang ka molato wa e mong o tla tsieleha; empa ya hloileng ba phathatsanang letsoho, yena o iketlile. 16 Mosadi ya molemo o ithuela hlompho; batho ba matla ba ipatlela menono. 17 Motho ya molemo o etsetsa moya wa hae molemo; empa ya lonya o itshenya mmele. 18 E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng. 19 Ho loka ha sebele ho isa bophelong; haele ya latelang bobe, yena o mathela lefung. 20 Ba pelo di kgopo ke manyala ho Jehova; empa ba metsamao e bokgabane, o kgahlwa ke bona. 21 Ruri e mobe a ke ke a lesa ho otlwa; empa leloko la motho ya lokileng le tla namolelwa. 22 Mosadi ya sefahleho se setle, empa a hloka kelello, ke lesale la kgauta nkong tsa kolobe. 23 Seo motho ya lokileng a se dumang ke botle ruri; empa seo ba babe ba ka se tshepang ke kgalefo feela. 24 E mong o a fana athe o ntse a atelwa ke dintho; e mong o a konana, mme o fetoha mofumanehi. 25 Ya tsebang ho fana o tla nona; ya nosetsang o tla nosetswa le yena. 26 Ya hanang le mabele a hae, o tla rohakwa ke batho; empa ya dumelang ho rekisa ka wona, o na le hlohonolofatso hloohong ya hae. 27 Ya qophellang botle o tla fumana mohau, empa ya batlang bobe, bobe bo tla mo tshwara. 28 Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku. 29 Ya ferekanyang ntlo ya hae, lefa la hae e tla ba moya feela; lewatla e tla ba mofo wa motho ya pelo e hlalefileng. 30 Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho. 31 Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa