Dipesaleme 99 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thoko ya ya halalehileng hararo. 1 Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela. 2 Jehova o moholo Sione, o phahametse ditjhaba kaofela. 3 A ba ke ba rorise lebitso la hao le leholo, le tshabehang, hobane le a halalela. 4 Ke wena o leng matla a morena ya ratang toka, o a tiisitse ho lokeng. O hlahisitse ho loka le tokelo ho Jakobo. 5 Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame pela bonamelo ba maoto a hae, hobane o a halalela. 6 Moshe le Aarone, baprista ba hae, le Samuele, e mong wa ba neng ba rapela lebitso la hae, ba nna ba rapela Jehova, mme a ba utlwa. 7 A nna a bua le bona a le topallong ya leru, mme ba boloka ditaelo tsa hae, le molao oo a neng a ba neile wona. 8 Jehova, Modimo wa rona, o nnile wa ba utlwa; o bile ho bona Modimo o tshwarelang, leha o ne o pheteletsa diketso tsa bona. 9 Rorisang Jehova, Modimo wa rona, le kgumame thabeng ya hae e halalelang; hobane Jehova, Modimo wa rona, o a halalela! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa