Dipesaleme 98 - Sesotho 1909/1961 (SO)Poloko le ho loka di tla senolelwa batho. 1 Binelang Jehova sefela se setjha, hobane o entse dintho tse mehlolo; seatla sa hae se setona le letsoho la hae le halalelang di hlotse dira tsa hae. 2 Jehova o bonahaditse poloko ya hae, o pepesitse ho loka ha hae mahlong a ditjhaba. 3 O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae bakeng sa ntlo ya Iseraele; dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone poloko ya Modimo wa rona. 4 Lona, mafatshe kaofela, phahamisetsang ho Jehova mehoo ya thabo ya lona! Tshelang ditlatse tsa lona, le mo binele difela tsa nyakallo! 5 Rorisang Jehova ka harepa, ka harepa le ka mantswe a dipina! 6 Ka moletso wa diterompeta le wa diphala, tshelang ditlatse tsa thabo ya lona pela Morena, pela Jehova! 7 Lewatle a le dume le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona. 8 Dinoka a di ke di ope ka diatla, le dithaba di ntshe mehoo ya thabo pela Jehova, hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. 9 O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa