Dipesaleme 97 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho fihlile mmuso wa Modimo, Moahlodi le Mmoloki. 1 Jehova o a busa. Lefatshe a le ke le thabe; dihlekehleke tse ngata a di ke di nyakalle! 2 Maru le botsho di mo teetse hare; ho loka le kahlolo ke motheo wa terone ya hae. 3 Mollo o mo etella pele, mme o timeletsa dira tsa hae ka nqa tsohle. 4 Mahadima a hae a kganyetsa lefatshe; lefatshe le a a bona, le a thothomela. 5 Dithaba di qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi pela sefahleho sa Jehova, pela sefahleho sa Morena wa lefatshe lohle. 6 Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di boha bokgabane ba hae. 7 Ba hlabilwe ke dihlong, bona kaofela ba sebeletsang ditshwantsho, ba ithorisang ka medimo ya leshano; medimo kaofela e tla kgumama pela hae. 8 Sione o utlwile, mme o thabile ke hoo; baradi ba Juda ba nyakalletse dikahlolo tsa hao, Jehova. 9 Hobane, Jehova o Mookamedi ya phahameng, ya renang hodima lefatshe lohle; o phahamile haholoholo ho fetisa medimo kaofela. 10 Lona ba ratang Jehova, hloyang bobe! O sirela meya ya bakgethwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba bolotsana. 11 Lesedi le jaletswe ya lokileng, thabo e neilwe ba pelo e lokileng. 12 Lona ba lokileng, etsang thabo ya lona ka Jehova, mme le roke lebitso la hae le halalelang! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa