Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 96 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Ho atametse mmuso wa Modimo.

1 Binelang Jehova sefela se setjha; binelang Jehova, lona, baahi bohle ba lefatshe!

2 Binelang Jehova, le rorise lebitso la hae, le bolele poloko ya hae ka matsatsitsatsi.

3 Le bolele kganya ya hae hara ditjhaba, le mehlolo ya hae hara mefuta yohle!

4 Hobane Jehova o moholo, o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;

5 hobane medimo yohle ya ditjhaba ke ditshwantsho feela, empa Jehova o entse mahodimo.

6 Kganya le letlotlo di pela hae, matla le botle di sehalalelong sa hae.

7 Lona, mefuta ya ditjhaba, busetsang ho Jehova, busetsang ho Jehova kganya le matla.

8 Busetsang ho Jehova kganya e tshwanelang lebitso la hae; tlisang dinyehelo, le kene mabaleng a hae!

9 Kgumamang pela Jehova ka bokgabane bo halalelang. Le thothomele pela hae, lona baahi bohle ba lefatshe!

10 Ereng hara ditjhaba: Jehova o a busa! lefatshe le tiya ke hona, ha le sisinyehe; o ahlola ditjhaba ka ho loka.

11 Mahodimo a ke a thabe, mme lefatshe le hlasimolohe; lewatle a le ke le dume le tsohle tse ho lona;

12 dithota di ke di nyakalle le tse ho tsona kaofela; difate tsohle tsa meru di etse ditlatse tsa thabo pela Jehova!

13 Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan