Dipesaleme 95 - Sesotho 1909/1961 (SO)Motho o ipolela hore o tla ya ka lentswe ya Modimo. 1 Tloong, re phahamisetseng dipina tsa rona ho Jehova, le mehoo ya rona ya nyakallo ho lefika la poloko ya rona! 2 Re itlhahiseng ho yena ka dithoko, re utlwahatse ditlatse tsa rona ka difela pela hae. 3 Hobane Jehova ke Modimo o moholo, ke Morena e moholo ya fetang medimo yohle; 4 matebo a lefatshe a diatleng tsa hae, le wona maphahamo a dithaba. 5 Lewatle ke la hae, ke mosebetsi wa hae, le lona lefatshe le tiileng le bopilwe ke diatla tsa hae. 6 Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona! 7 Hobane ke Modimo wa rona, re setjhaba seo e leng modisa wa sona, mohlape o tsamaiswang ke letsoho la hae. 8 Kajeno, ha le utlwa lentswe la hae, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla Meriba, le mehleng ya Massa, feelleng, 9 moo bontata lona ba ntekileng teng, ba nteka leha ba bone diketso tsa ka. 10 Ka tenwa ke moloko oo ka dilemo tse mashome a mane, ka re: Ke setjhaba seo pelo ya sona e kgelohileng; ha ba tsebe ditsela tsa ka. 11 Ke moo ke hlapantseng bohaleng ba ka, ka re: Ba ke ke ba ba ba kena phomolong ya ka! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa