Dipesaleme 88 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tlaleho ya motho ya leng mahlomoleng. Sefela. Pesaleme ya bana ba Kore. Ho monga baphokodi, e tle e binwe ka phala. Pina ya Hemane, Moesrahi. 1 Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu. 2 Thapelo ya ka a e ke e fihle ho wena; o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! 3 Hobane moya wa ka o kgotse ditlokotsi, mme bophelo ba ka bo sekamela nqalong ya bafu. 4 Ke badilwe le ba theohelang lebitleng; ke jwaloka motho ya feletsweng ke matla; 5 ke ya lahlilweng hara bafu; ke jwaloka babolauwa ba robetseng lebitleng, bao o sa hloleng o ba hopola, ba kgaohaneng le wena. 6 O ntahletse lemeneng le sekoti, lefifing, botebong, tlasetlase. 7 Kgalefo ya hao e nkimetse, maqhubu a hao kaofela a nkgateletse. (Sela.) 8 O suthiseditse hole le nna ba tsebanang le nna, o nkentse ntho e manyala ho bona; ke kwalletswe moo ho se nang ho tsuwa. 9 Mahlo a ka a monyela ke tlokotsi. Jehova, ke o rapela ka ditshiu tsohle, ke otlollela matsoho a ka ho wena. 10 Na o tla etsetsa bafu mehlolo? Na ba shweleng ba tla tsoha ho tla o rorisa na? (Sela.) 11 Hleka mohau wa hao o ya bolelwa lebitleng, le nnete ya hao moahong wa lefu na? 12 Kapa mehlolo ya hao a e tla lemohuwa lefifing, le ho loka ha hao fatsheng la tebalo na? 13 Ke howeletsa ho wena ke hona, Jehova, mme thapelo ya ka e hlaha pela hao e sa le kameso. 14 Jehova, o lahlelang moya wa ka? O mpatela sefahleho sa hao keng? 15 Ke madimabe, ke ntse ke eshwa esale le botjheng ba ka, ke tshoswa ke matshabeho a hao, mme ke tsielehile. 16 Kgalefo ya hao e tukang e nkwetse hodimo; ke fediswa ke matsoso a hao; 17 a nkopetse jwaloka metsi ka letsatsi le leng le le leng, a kopane hammoho ho ntika kahohle. 18 O suthiseditse hole le nna metswalle ya ka le dithaka tsa ka; tseo ke tsebanang le tsona ke nqalo tsa lefifi. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa