Dipesaleme 86 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya morapedi ya hloriswang. Thapelo ya Davida. 1 Jehova, sekeha tsebe ya hao, o nkarabele, hobane ke ya madimabe, ke ya lesitsi. 2 Boloka moya wa ka, hobane ke e mong wa batshepehi ba hao! Thusa mohlanka wa hao ya o tshepang, wena, Modimo wa ka! 3 O nkgauhele, Morena, hobane ke bitsa ho wena tsatsi lohle! 4 O thabise moya wa mohlanka wa hao, hobane ke phahamisetsa moya wa ka ho wena, Morena. 5 Hobane wena, Morena, o molemo, o mosa, o tletse lereko hobohle ba o rapelang. 6 Jehova, sekehela thapelo ya ka tsebe, o ele thapediso tsa ka hloko. 7 Ke o rapela ka letsatsi la ka la matswalo, ka hobane o a nkutlwa. 8 Hara medimo ha ho o tshwanang le wena, Morena; ha ho letho le ka lekanang le mesebetsi ya hao! 9 Ditjhaba tsohle tseo o di entseng di tla tla kgumama pela hao, Morena, di tlotlise lebitso la hao! 10 Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi. 11 Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao! 12 Ke tla o rorisa, Morena, Modimo wa ka, ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao ka ho sa yeng kae! 13 Hobane mohau wa hao o moholo ka nqa ho nna, mme o nyolotse moya wa ka tlasetlase nqalong ya bafu. 14 Oho Modimo, baikakasi ba mpokanetse, letshwele la batho ba tshabehang le batla bophelo ba ka; ha ba ka ba o bea pela mahlo a bona. 15 Empa wena, Morena, o Modimo o lereko, o molemo, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete. 16 O retelehele ho nna, o nkgauhele, o nee mohlanka wa hao matla a hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao. 17 O etse pontsho bakeng sa ka ya hoba o molemo ho nna, e tle e bonwe ke dira tsa ka, di ke di swabe! hobane, Jehova, o a nthusa, o a ntshedisa. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa