Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 84 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo ya motho ya hlolohetsweng ntlo ya Modimo, ya lakatsang ho dula ho yona.
Ho monga baphokodi. Ka Gitthithe. Pesaleme ya bana ba Kore.

1 Meaho ya hao e rateha hakakang, wena, Jehova wa makgotla!

2 Moya wa ka o a idibana, o sisetsa mabala a ntlo ya Jehova; pelo le nama ya ka di howeletsa ho Modimo o phelang!

3 Esita le serobele se na le sehlaha, le lefokotsane le na le ntlo, moo le beang madinyane a lona teng ... Oho! dialetare tsa hao, Jehova wa makgotla, Morena wa ka, le Modimo wa ka!

4 Ho lehlohonolo ba ahileng tlung ya hao! Ba ya nne ba o rorise kamehla. (Sela.)

5 Ho lehlohonolo batho bao o leng matla a bona, bao pelo tsa bona di ratang ditsela tsa hao!

6 Ha ba ntse ba haola ka kgohlo ya Baka, ba e fetola kgohlo ya didiba, mme pula ya hwetla e e apesa ka nala.

7 Ha ba ntse ba tsamaya, ba ekeletswa matla, ho fihlela ba itlhahisa pela Modimo Sione.

8 Jehova, Modimo wa makgotla, mamela thapelo ya ka! Sekeha tsebe, Modimo wa Jakobo! (Sela.)

9 Oho Modimo, thebe ya rona, tadima, o bone sefahleho sa motlotsuwa wa hao.

10 Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.

11 Hobane Jehova Modimo ke letsatsi le thebe. Jehova o nea mohau le kganya, ba tsamayang ka ho loka a ke ke a ba hanela le molemo leha o le mong.

12 Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan