Dipesaleme 83 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya ho ipea ho Modimo, ha ditjhaba di kopanetse ya o tshepileng. Sefela. Pesaleme ya Asafe. 1 Oho Modimo, o se ke wa thola, o se ke wa thibana ditsebe, o se ke wa dula o ikgutseditse, Modimo. 2 Hobane dira tsa hao di a dumaduma, ba o hloyang ba emisa dihlooho; 3 ba rera setjhaba sa hao ka ho se lohela mano, ba botsana hodima ba sirelwang ke wena. 4 Ba re: Tloong, re ba fedise hara ditjhaba, lebitso la Iseraele le se ke la hlola le bolelwa! 5 Ba botsana ba le pelo e le nngwe, ba etsa selekane ho o lwantsha: 6 e leng ba ditenteng tsa Edomo, le Baishmaele, Bamoabe, le Bahagarene, 7 Gebale, le Ammone, le Amaleke, le Bafilesta hammoho le baahi ba Tire; 8 Baassiria le bona ba ikopantse le bona, ba adimile bana ba Lota matsoho a bona. (Sela.) 9 O ba etse jwalokaha o entse Midiane, le Sisera, le Jabine, nokaneng ya Kishone, 10 ba feletseng Ene-Dore, mme ditopo tsa bona tsa nontsha mobu! 11 O etse mahosana a bona a be jwaloka Orebe le Seebe, le marena a bona kaofela a be jwaloka Seba le Tsalmunna; 12 hobane ba re: A re inkeleng, re rue meaho ya Modimo! 13 Modimo wa ka, ba be pela hao jwaloka setsokotsane, jwaloka mooko o fefolwang ke moya, 14 jwaloka mollo ha o qeta moru, le jwaloka lelakabe ha le tjhesa dithaba. 15 O ba lelekise jwalo ka sefefo sa hao, o ba tshose ka moya wa hao wa letsukutsuku! 16 Apesa difahleho tsa bona ka dihlong, ba tle ba batle lebitso la hao, Jehova. 17 A ba ke ba tsielehe, ba shwe motlopo kamehla, ba fele ba hlabilwe ke dihlong! 18 Ba tle ba tsebe hore wena, eo lebitso la hao e leng Jehova, o rena o nnotshi lefatsheng lohle. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa