Dipesaleme 82 - Sesotho 1909/1961 (SO)Modimo o tla ahlola baahlodi ba ditjhaba. Pesaleme ya Asafe. 1 Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo. 2 Le tla ahlola ka bokgopo ho isa kae, le emele ba bolotsana ho isa kae? (Sela.) 3 Ahlolelang ba banyenyane le dikgutsana; le lokisetse mohlomohi le ya lesitsi; 4 lokollang ba madimabe le bahloki, le ba utle matsohong a ba bolotsana. 5 Ha ba na hlalefo, leha e le kutlwisiso; ba tsamaya lefifing; metheo kaofela ya lefatshe e a kgwehla. 6 Ke itse: Le medimo, mme bohle le bara ba Mookamedi ya phahameng. 7 Leha ho le jwalo, le tla shwa jwaloka batho, le we jwaloka marena afe le afe. 8 Oho Modimo, tsoha, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba kaofela e tla ba lefa la hao. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa