Dipesaleme 8 - Sesotho 1909/1961 (SO)Pina ya ho tlotlisa Mmopi wa dinaledi, le ho mmapisa le bonyenyane ba motho. Ho monga baphokodi. Ka Gitthithe. Pesaleme ya Davida. 1 Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle, wena ya beileng kganya ya hao mahodimong! 2 O theile kganya ya hao ka molomo wa bana le wa ba anyeswang ka baka la ba o lwantshang, ho kgutsisa sera sa hao le moiphetetsi. 3 Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re: 4 Na motho keng, ha o tla mo hopola? le mora motho keng, ha o tla mo hlokomela? 5 O mo entse ya tlasana ho Modimo, o mo rwesitse kganya le boholo; 6 o mo laodisitse mesebetsi ya matsoho a hao; o beile tsohle katlasa maoto a hae; 7 dinku hammoho le dikgomo, le dibatana tsa naha, 8 le dinonyana tsa lehodimo, le dihlapi tsa lewatle, tsohle tse itsamaelang ditseleng tsa lewatle. 9 Jehova, Morena wa rona, lebitso la hao le bokgabane hakakang lefatsheng lohle! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa