Dipesaleme 79 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya ho kopa thuso nakong ya tshenyo le ya polao le ya ditshomo. Pesaleme ya Asafe. 1 Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako. 2 Ba neetse dinonyana tsa mahodimo ditopo tsa bahlanka ba hao, ba neetse dibatana tsa lefatshe nama tsa baratuwa ba hao. 3 Ba tsholotse madi a bona jwaloka metsi ka nqa tsohle ho Jerusalema, mme ho hlokahetse ya ba patang. 4 Re fetohile sekgobo sa ba ahisaneng le rona, papadi le sesomo sa ba kamathoko. 5 Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na? 6 Tshollela bohale ba hao hodima ditjhaba tse sa o tsebeng, le hodima mebuso e sa rapeleng lebitso la hao. 7 Hobane ba jele Jakobo, ba sentse moaho wa hae! 8 O se ke wa hopola dibe tsa bontata rona moholo; mehauhelo ya hao e re tlele kapele, hobane re ba madimabe haholo. 9 Oho Modimo wa poloko ya rona, ka baka la kganya ya lebitso la hao, o re thuse, o re namolele, o re tshwarele dibe tsa rona, ka baka la lebitso la hao. 10 Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona! 11 Masisapelo a ba holehilweng a ke a fihle pela hao; ka matla a letsoho la hao o boloke ba abetsweng ho shwa. 12 Morena, o busetse hasupa difubeng tsa ba mabapa le rona dinyefolo tseo ba o nyefotseng ka tsona! 13 Mme rona, setjhaba sa hao, mohlape oo o leng moalosi wa wona, re tla o leboha ka ho sa yeng kae, re bolele dithoko tsa hao ditloholong le ditloholwaneng! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa