Dipesaleme 77 - Sesotho 1909/1961 (SO)Motho ya leng mahlomoleng o ikgothatsa ka tse seng di fetile. Ho monga baphokodi. Ka pina ya Jeduthune. Pesaleme ya Asafe. 1 Lentswe la ka le nyolohela ho Modimo, ke ntse ke howa; lentswe la ka le nyolohela ho Modimo; hola o ka nkutlwa! 2 Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso. 3 Ke hopola Modimo, ke sisa pelo; ke a nahana, mme moya wa ka o a tsieleha. (Sela.) 4 O fadimehisa dintshi tsa ka; ke sa ferekane, ke sitwa ke puo. 5 Ke hopola matsatsi a kgale le dilemo tsa boholoholo. 6 Bosiu ke elellwa dipina tsa ka, ke losa pelong ya ka, mme moya wa ka o a nahana. 7 Na Morena a ka lahla motho ka ho sa feleng? A ke ke a boela a hauhela na? 8 A mohau wa hae o se o feletse ruri? Lentswe la hae le se le kgutsitse kamehla le mehla na? 9 Na Modimo o lebetse ho utlwela batho bohloko? Bohaleng ba wona na o thibetse mehauhelo ya wona na? (Sela.) 10 Ka re: Se nkutlwisang bohloko, ke hoba letsoho la Mookamedi ya phahameng haesale lona ... 11 Empa ke tla hopola diketso tsa Jehova, ke elellwe meeka ya hao ya boholoholo; 12 ke tla bolela mesebetsi ya hao kaofela, ke qaqisetse diketso tsa hao. 13 Oho Modimo, tsela ya hao e a halalela. Modimo ke ofe o moholo, o jwaloka Modimo wa rona? 14 Ke wena Modimo o etsang meeka; o bonahaditse matla a hao hara ditjhaba. 15 Ka letsoho la hao o lopolotse setjhaba sa hao, bana ba Jakobo le ba Josefa. (Sela.) 16 Metsi a o bone, Modimo, metsi a o bone, mme a reketla; madiba le wona a tsukutleha. 17 Maru a tsurutla metsi, maru a thetheretsa; metsu ya hao ya phosetswa mane le mane, 18 diaduma tsa hao tsa duma hara setsokotsane, mahadima a hao a bonesa lefatshe; lefatshe la tshoha, la reketla. 19 Wa iketsetsa tsela lewatleng, mmila metsing a maholo, mehlala ya hao ha e a ka ya tsejwa. 20 Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa