Dipesaleme 76 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho lebohuwa Modimo bakeng sa dikahlolo tsa wona. Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme ya Asafe. Sefela. 1 Modimo o tsejwa Juda, lebitso la wona le leholo hara Iseraele; 2 tabernakele ya wona e Saleme, moaho wa wona o Sione. 3 Ke moo o robileng metsu e hadimang, le dithebe, le marumo, le dibetsa tsa ntwa. (Sela.) 4 O fetisa dithaba tsa mashodu ka kganya le ka bokgabane! 5 Bahale ba matla ba hlotswe, ba ithobaletse boroko ba bona; bahale ha ba ka ba tseba ho lwana ka matsoho a bona. 6 Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo. 7 Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa? 8 O boletse tsuo o le mahodimong; lefatshe la tshoha, la ba la kgutsa, 9 ha Modimo o tsoha ho ahlolela le ho boloka bahlomohi bohle ba lefatshe. (Sela.) 10 Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka. 11 Ikaneng ho Jehova, Modimo wa lona, le ntoo mo lefela; ditjhaba tsohle tse kamathoko di ke di tlise dinyehelo ho Modimo o tshabehang. 12 O rapalatsa boikgohomoso ba mahosana, a tshabeha ho marena a lefatshe. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa