Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 75 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Moahlodi o tlisitse mohope wa bohale ho o nosa dira tsa hae.
Ho monga baphokodi. Ka pina ya Aletashethe. Pesaleme ya Asafe. Sefela.

1 Re a o roka, Modimo, re a o roka; lebitso la hao le pela rona; ho bolelwa meeka ya hao.

2 Etlare hobane ke bee latsatsi la teng, ke tla ahlola ka ho loka.

3 Lefatshe le a tlakasela le ba ahileng ho lona; empa ke nna ke tiisang ditshiya tsa lona. (Sela.)

4 Ke moo ke reng ho baikakasi: Le se ke la ikakasa! le ho banyefodi: Le se ke la phahamisa lenaka la lona.

5 Le se ke la phahamisa lenaka la lona hakalo, le se ke la bua ka bonyefodi, ka melala e sataletseng!

6 Hobane kahlolo ha e tswe botjhabela, leha e le bophirimela, leha e le lefeelleng;

7 empa ke Modimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, mme e mong o mo phahamise.

8 Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.

9 Haele nna, ke tla nne ke bolele tseo kamehla, ke rorise Modimo wa Jakobo!

10 Ke tla roba dinaka tsa ba bolotsana; empa dinaka tsa ba lokileng di tla phahamiswa.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan