Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 67 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Ditjhaba di rorise Modimo.
Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme. Sefela.

1 Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)

2 hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.

3 Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise.

4 Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)

5 Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise!

6 Lefatshe le medisitse dijo tsa lona. Modimo, Modimo wa rona, o tla re hlohonolofatsa!

7 Modimo o tla re hlohonolofatsa, o tshajwe ke dipheletso tsohle tsa lefatshe!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan