Dipesaleme 65 - Sesotho 1909/1961 (SO)Teboho hodima mahlohonolo. Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida. Sefela. 1 Modimo, boimamelo le hlompho di teng pela hao, Sione! Dikano di phethelwa wena! 2 Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena. 3 Boima ba makgopo bo a nkimela, empa o hlakotse ditlolo tsa rona. 4 Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao! 5 Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng; 6 wena ya tiisang dithaba ka matla a hao, ya apereng matla; 7 ya kgutsisang modumo wa mawatle, modumo wa maqhubu a wona, le mohorohoro wa ditjhaba. 8 Ba ahileng pheletsong tsa lefatshe ba tshoha mehlolo ya hao; o thabisa ba ahileng botjhabela le bophirimela. 9 O lekola lefatshe, o a le nosetsa, o le ruisa haholoholo; metsi a tlala molatswaneng wa Modimo; o lokisetsa batho mabele, ha o lokisa lefatshe jwalo. 10 O nosetsa boleme ba lona bo lemilweng, o phophotha makote a lona, o le nolofatsa ka dipula, mme o hlohonolofatsa dimela tsa lona. 11 O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao; 12 mehlala ya hao e medisa makgulo a nahathothe, dithota di apara thabo. 13 Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa