Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 64 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Motho o kopa tshirelo bakeng sa thetso ya batho.
Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1 Modimo, utlwa lentswe la ka, ha ke howeletsa; o boloke bophelo ba ka ho sera se ntshosang!

2 O ntshireletse mererong ya ba bolotsana le letshweleng la ba sebetsang bokgopo,

3 ba leotsang maleme a bona jwaloka letlele, ba phosang mantswe a bohloko jwaloka metsu,

4 ho hlaba motho ya se nang molato sephiring; ba phakisa ho phosetsa ho yena, ba sa tshabe.

5 Ba pheheletse ho etsa hampe, ba rera hammoho ho pata maraba, ba re: Ke mang ya tla a bona?

6 Ba qapa tsa bolotsana, ba re: Re itokisitse, mano a lohilwe! Ba pata mehopolo ya dipelo tsa bona.

7 Empa Modimo o tla phosetsa ho bona ka metsu ya wona, ba hlajwe hang, ba dihuwe;

8 maleme a bona ke wona a tla ba ahlola; bohle ba ba bonang ba tla tsokotsa dihlooho.

9 Batho bohle ba tla tshwarwa ke tshabo, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba lemohe diketso tsa wona.

10 Ya lokileng o tla ithabela ho Jehova, a tshabele ho yena; batho bohle ba nang le pelo e lokileng ba tla ithorisa kahoo.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan