Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 63 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo ya hosasa ya motho ya leleketsweng nahathotheng e hlokang metsi.
Pesaleme ya Davida, ya mohla a neng a le feelleng la Juda.

1 Oho Modimo, o Modimo wa ka, ke a o batla;

2 moya wa ka o nyoretswe wena, nama ya ka e tsetselela wena, naheng ena e tshehla, e feelleng, e se nang metsi.

3 Ke ka mokgwa o jwalo ke lebisitseng mahlo a ka ho wena sehalalelong, ke tle ke bone matla a hao le kganya ya hao;

4 hobane mohau wa hao o fetisa bophelo ka monate. Melomo ya ka e a o rorisa. Ke ka mokgwa o jwalo ke tlang ho o rorisa, ha ke ntse ke phela, ke be ke emisetse matsoho a ka ho wena ka lebitso la hao.

5 Moya wa ka o tla kgora jwaloka hoja ke jele moko le mafura, mme ka lentswe la nyakallo molomo wa ka o tla o roka.

6 Ha ke o hopola ke sekame diphateng tsa ka, ke ntse ke nahana tsa hao ka dinako tsa bosiu.

7 Hobane o thuso ya ka, mme ke hlasimoloha moriting wa mapheo a hao.

8 Moya wa ka o o kgomaretse, letsoho le letona la hao le a ntshehetsa.

9 Empa ba batlang bophelo ba ka, ba reng ke timele, ba tla hohlomela maleng a lefatshe.

10 Ba tla neelwa lerumo, ba fetohe dijo tsa diphokojwe.

11 Empa morena o tla ithabela ho Modimo; bohle ba anang ka wona ba tla nyakalla; hobane melomo ya ba bolelang mashano e tla thijwa.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan