Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 61 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo ya motho ya ratang ho tshabela ho Modimo.
Ho monga baphokodi. Ka tse tidinngwang. Pesaleme ya Davida.

1 Modimo, mamela mehoo ya ka, o ele thapelo ya ka hloko.

2 Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!

3 Hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla ya ka pela sera.

4 Ke rata nka ikahella tenteng ya hao ka ho sa yeng kae, ka batla setshabelo sa ka moriting wa mapheo a hao. (Sela.)

5 Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.

6 O eketse matsatsi a morena, o mo fe dilemo ho isa ditloholong le ditloholwaneng;

7 a tle a dule teroneng pela Modimo ka ho sa yeng kae. Lokisa mohau le nnete, di tle di mo lebele!

8 Ebe moo ke rorisang lebitso la hao kamehla, ke ntse ke phetha dikano tsa ka ka matsatsi wohle.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan