Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 60 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Dillo tsa setjhaba se hlotsweng ntweng.
Ho monga baphokodi. Ka pina ya Shushan-Eduthe. Sefela sa Davida se bolelang thuto, sa mohla a neng a lwantsha Basiria ba Mesopotamia le Basiria ba Tsoba, le sa mohla Joabe, ha a kgutla, a otlang Baedomo Thoteng ya Letswai, a bolaya ba dikete tse leshome le metso e mmedi.

1 Oho Modimo, o re lahlile, o re qhalantse; o ne o halefile; oho, o boele o re tsose!

2 O sisintse naha, o e qheheditse: o hahe dikgeo tsa yona, hobane e a reketla.

3 O rutile setjhaba sa hao ka dikotlo tse thata, o re nositse veine ya ho diadielwa.

4 O emiseditse ba o tshabang folaga, ba tle ba pholohe pela motsu. (Sela.)

5 Baratuwa ba hao ba tle ba bolokehe, o re thuse ka letsoho le letona la hao, o re utlwe.

6 Modimo o boletse sehalalelong sa wona, wa re: Ke tla hlola! Ke tla arola Sikeme, ke lekanye sekgutlo sa Sukkothe.

7 Gileade ke wa ka; Manasse ke wa ka; Efraime ke tshireletso ya hlooho ya ka, mme Juda ke lere la ka la borena;

8 Moabe ke morifi oo ke hatlelang ho wona; ke akgela seeta sa ka hodima Edomo; wena, naha ya Bafilesta, phahamisa mehoo ya thabo ka baka la ka.

9 Ke mang ya tla nkisa motseng o matla? Ke mang ya tla ntsamaisa ho ya mphihlisa Edomo?

10 Na hase wena Modimo, o neng o re lahlile, wena Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?

11 Re thuse, re tle re pholohe direng tsa rona, hobane thuso ya motho ke lefeela!

12 Ka Modimo re tla hlola, ke wona o tla hatakela dira tsa rona.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan