Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 6 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo e kopang thuso ha motho a le tayong ya Modimo.
Ho monga baphokodi. Ka diletsa tse tidinngwang. Ka harepa ya kgole tse robileng meno e le mmedi. Pesaleme ya Davida.

1 Jehova, o se ke wa ntaya bohaleng ba hao, o se ke wa nkotla kgalefong ya hao!

2 O nkgauhele, Jehova, hobane ke a idibana; o mphodise, Jehova, hobane masapo a ka a thothomela;

3 moya wa ka o tshaba haholo; empa wena, Jehova, o isa kae? ...

4 Kgutla, Jehova, o lokolle moya wa ka; o mpoloke ka baka la mohau wa hao.

5 Hobane lefung ha o sa hopolwa; ke mang ya ka o rorisang nqalong ya bafu?

6 Ke fela ke masisapelo; ka bosiu bo bong le bo bong, ke kolobisa diphate tsa ka ka meokgo, ke thoposetsa ditao tsa ka ka yona.

7 Mahlo a ka a fela ke mahlomola, a monyela ka baka la bohle ba ntlhorisang.

8 Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.

9 Jehova o utlwile ho kopa ha ka; Jehova o amohetse thapelo ya ka.

10 Dira tsa ka kaofela di tla swaba, di tshwarwe ke thothomelo e kgolo; di tla sutha, di be di tsielehe hang.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan