Dipesaleme 58 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya hore Modimo o otle bakgopo. Ho monga baphokodi. Ka pina ya Aletashethe. Sefela sa Davida. 1 Fale le tla nne le ikgutsetse na? Na ha le tumise ho loka keng na? A le tla ahlola ka tokelo, lona bana ba batho? 2 Tjhe, le etsa ho sa lokang dipelong tsa lona, mme tokiso ya lona lefatsheng ke ho tsohela batho matla feela. 3 Ba bolotsana ba kgelohile esale ba etswa popelong, mahata a lahlehile esale a hlaha; 4 ba na le mahloko a kang a dinoha, ba tshwana le marabe a ithibanyang ditsebe, 5 a tle a se ke a mamela lentswe la moupelli le la ngaka e tsebang ho upa. 6 Modimo, o ba robe meno melomong ya bona! Jehova, pshatla mehlahare ya ditau! 7 Ba fele jwaloka metsi a phallang, metsu eo ba e fulang e thithibane. 8 Ba be jwaloka kgofu e menyelang e ntseng e eya, ba be jwaloka sefolotsana sa mosadi se sa kang sa bona letsatsi. 9 Dipitsa tsa lona di eso ho utlwe mollo wa meutlwa, e metala le e tukileng e tla phamolwa hammoho ke setsokotsane. 10 Ke moo ya lokileng a tlang ho thaba, ha a bona phetetso; o tla hlatswa maoto a hae mading a molotsana; 11 mme ho tla thwe: Moputso o teng ruri wa ya lokileng; ruri, Modimo o teng o ahlolang lefatshe. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa