Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 57 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo ya motho ha a tla ya robala a le nahathothe.
Ho monga baphokodi. Ka pina ya Aletashethe. Sefela sa Davida, sa mohla a ipatileng lehaheng, ha a baleha pela Saule.

1 Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.

2 Ke howeletsa ho Modimo, Mookamedi ya phahameng, Modimo o sebetsang bakeng sa ka!

3 O ya romela, o le mahodimong, ho tla mpoloka, ha ba mpefeletsweng ba nnyedisa. (Sela.) Modimo o tla romela mohau wa wona le nnete ya wona.

4 Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.

5 Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!

6 Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)

7 Modimo, pelo ya ka e tiile, pelo ya ka e tiile. Ke rata ho o roka ka dipina le ka difela.

8 Kubuloha moya wa ka; kubulohang, lona thomo le harepa ya ka! Ke tla tsoha le mafube a meso!

9 Morena, ke tla o rorisa hara batho, ke o roke hara ditjhaba;

10 hobane mohau wa hao o moholo ho ya fihla mahodimong, le nnete ya hao ho isa marung.

11 Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan