Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 54 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Motho o a ikgothatsa, leha a teetswe hare ke ba ratang ho mmolaya.
Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, se tle se binwe ka tse tidinngwang, sa mohla Basife ba tlileng ho Saule, ba re: Na Davida ha a ipate hara rona na?

1 Oho Modimo, o mpoloke ka lebitso la hao, o nkemele ka matla a hao!

2 Modimo, o mamele thapelo ya ka, o sekehele ditaba tsa molomo wa ka tsebe!

3 Hobane basele ba ntsohela matla, batho ba sehloho ba batla bophelo ba ka; ha ba ka ba bea Modimo pela mahlo a bona. (Sela.)

4 Bonang, Modimo ke mothusi wa ka, Morena ke e mong wa ba emelang bophelo ba ka.

5 O tla dihela hodima bao e leng dira ho nna bolotsana ba bona. O ke o ba qete, botshepehing ba hao!

6 Ka pelo e mafolofolo ke tla o etsetsa mahlabelo, ke rorise lebitso la hao, Jehova, hobane le molemo;

7 hobane o ntopolotse ditsietsing tsa ka kaofela, mme mahlo a ka a bone tshenyeho ya bao e leng dira ho nna.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan