Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 52 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Leleme le sebang le tshwanetse ho kgalemelwa.
Ho monga baphokodi. Sefela sa Davida, sa mohla Doege, Moedomo, a tlileng ho tsebisa Saule hore Davida o tlile ka tlung ya Akimeleke.

1 Wena mohale, o ithorisa keng ka bolotsana ba hao? Mohau wa Modimo ke wa kamehla.

2 Leleme la hao le rera tshenyo feela, jwaloka lehare le leoditsweng, wena ya etsang bohata.

3 O rata bobe haholo ho botle, le leshano haholo ho ditaba tse lokileng. (Sela.)

4 O rata dipolelo tsohle tsa tshenyo, wena ya nang le leleme le thetsang!

5 Empa le wena Ya matla wohle o tla o senya ka ho sa yeng kae, o tla o tshwara, a o pshemole tenteng ya hao, a o fothole lefatsheng la ba utlwang. (Sela.)

6 Ba lokileng ba tla bona hoo, ba tshabe; ba tla tsheha ka yena, ba re:

7 Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!

8 Empa nna, ke jwaloka mohlwaare o motala ka tlung ya Modimo; ke itshepetse mohau wa Modimo kamehla yohle.

9 Ke tla o rorisa kamehla, hobane o sebeditse hoo; ke tla tshepa lebitso la hao, hobane le molemo ho bakgethehi ba hao.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan