Dipesaleme 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya hosasa, ya motho ha a tla kena tlung ya Modimo. Ho monga baphokodi. Ka tse letswang ka molomo. Pesaleme ya Davida. 1 Jehova, sekehela ditaba tsa ka ditsebe, o utlwe masisapelo a ka! 2 Mamela lentswe la ka le howeletsang ho wena, Morena wa ka le Modimo wa ka! hobane ke rapela wena. 3 Jehova, o mamele lentswe la ka e sa le kameso; e sa le kameso ke tadima ho wena, mme ke a lebella. 4 Hobane ha o Modimo o ratang bobe. Ya kgopo ha a amohelehe ho wena. 5 Mawatla a ke ke a ema pela sefahleho sa hao. O hloile bohle ba etsang bokgopo; 6 o fedisa ba bolelang leshano. Haele batho ba madi le ba thetso, ke manyala ho Jehova. 7 Empa nna, ka mohau wa hao o moholo, ke kena ka tlung ya hao, ke kgumama ka tshabo tempeleng ya hao e kgethehileng. 8 Jehova, ntsamaise ho lokeng ha hao, ka baka la ba ntwantshang; o lokise tsela ya hao pela ka. Hobane ha ho nnete melomong ya bona, ke thato ya ho senya feela; 9 lehano la bona ke lebitla le ahlamileng, ba qeka ka leleme la bona. 10 O ba otle, Modimo, ba dihuwe ke merero ya bona. O ba dihe ka baka la dibe tsa bona tse ngata, hobane ba ikgantsheditse wena. 11 Empa ba o tshepileng kaofela ba tla thaba, ba be ba nyakalle ka ho sa yeng kae, hobane o tla ba sireletsa; ba ratang lebitso la hao ba tla nyakallela wena. 12 Hobane wena, Jehova, o hlohonolofatsa ya lokileng, ka mohau wa hao o mo sireletsa ka mokgwa wa thebe. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa