Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 46 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Modimo ke setshabelo sa rona.
Ho monga baphokodi. Pesaleme ya bara ba Kore. Pina e binwang ka Alamothe.

1 Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.

2 Ka baka leo, re ke ke ra tshoha, leha lefatshe le ka sisinyeha, mme dithaba tsa tsokotseha mahareng a mawatle;

3 leha maqhubu a wona a ka duma, a ntsha mafilo, mme bohale ba wona ba sisinya dithaba! (Sela.)

4 Noka e teng eo melatswana ya yona e nyakallisang motse wa Modimo, sehalalelo sa meaho ya Mookamedi ya phahameng.

5 Modimo o mahareng a wona; o ke ke wa sisinyeha; o fuwa thuso ke Modimo e sa le mafube a meso.

6 Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.

7 Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)

8 Tloong, le bohe diketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatshe kateng.

9 O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.

10 Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!

11 Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan