Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Sefela sa ka phirimana sa motho ya sa tshabeng ditshomo.
Ho monga baphokodi. Ka diletsa tse tidinngwang. Pesaleme ya Davida.

1 Ha ke bitsa, o nkarabe, wena Modimo wa ho loka ha ka! Ha ke le matswalong, o a ntokolla! Nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.

2 Lona bana ba batho, kganya ya ka le tla e fetola sesomo, le rate bosawana, le tiise leshano ho le hokae na? (Sela.)

3 Tsebang hobane Jehova o tlotlisa eo a mo ratang. Ha ke bitsa ho yena, Jehova o a nkutlwa.

4 Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)

5 Hlahisang mahlabelo a ho loka, le itshepele Jehova.

6 Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!

7 Pelong ya ka o nneile nyakallo e fetisang ya bona, mohla mabele a ba atetseng le veine.

8 Ke sekama ka kgotso, ke be ke ithoballe ka kgotso, hobane, Jehova, ke wena o nnotshi ya nkahisang boiketlong.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan