Dipesaleme 39 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya ya leng matshwenyehong ha a tadima bokgutshwanyane ba bophelo ba hae. Ho monga baphokodi. Ho Jeduthune. Pesaleme ya Davida. 1 Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka. 2 Ke ne ke le semumu, ke ikgutseditse, ka itima ho bua, leha e le tsa botle; empa bohloko ba ka ba eketseha; 3 pelo ya ka e ne e tjhesa sefubeng sa ka, mehopolo ya ka e ne e tukisa mollo, yaba leleme la ka le bua, la re: 4 Jehova, o ntsebise bofello ba bophelo ba ka, le bokae ba ditshiu tsa ka, ke tle ke tsebe hoba ke feta kapele hakakang! 5 Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.) 6 Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang! 7 Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena. 8 O ntwele dibeng tsa ka kaofela, o se ke wa mpeela ditshomo tsa lewatla. 9 Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang. 10 O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao. 11 Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.) 12 Utlwa thapelo ya ka, Jehova, o sekehele mohoweletso wa ka tsebe! O se ke wa thibana ditsebe, ha ke ntse ke lla, hobane ho wena ke moeti le mofeti jwaloka bontate kaofela. 13 O se ke wa hlola o ntlhaba ka mahlo, ke tle ke boele ke ele, ke eso ho ikele, mme ke eba siyo! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa