Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 36 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Bomadimabe ba ya lahlileng. Modimo le bomadimatle ba ya nang le kopano le wona.
Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida, mohlanka wa Jehova.

1 E mobe o mamela bolotsana pelong ya hae, ho tshaba Jehova ha ho yo pela mahlo a hae;

2 hobane ka mokgwa wa ho bona ha hae, o iqeka e le yena hore ho ke ke ha fihlelwa bokgopo ba hae e leng ho hloya.

3 Ditaba tsa molomo wa hae ke bokgopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle.

4 O rera bokgopo diphateng tsa hae; o ya ka tsela e seng molemo; ha a na ho hloya bobe.

5 Jehova, mohau wa hao o phahame ho isa mahodimong le botshepehi ba hao ho isa marung.

6 Ho loka ha hao ho ka ka dithaba tsa Modimo, dikahlolo tsa hao di tebile jwaloka lewatle. Jehova o baballa batho le diphoofolo.

7 Modimo, mohau wa hao o rateha hakakang! Bana ba batho ba balehela moriting wa dipheo tsa hao;

8 ba kgora ke nala ya ntlo ya hao, o ba nosa dinokeng tsa menate ya hao.

9 Hobane sediba sa bophelo se ho wena; re bona lesedi leseding la hao.

10 O bolokele ba o tsebang mohau wa hao, o nne o fe ba pelo di lokileng ho loka ha hao;

11 Leoto la boikgohomoso le se ke la nkgatakela, letsoho la ba babe le se ke la mpalehisa!

12 Ba bolotsana ba se ba ya wa, ba dihilwe; ha ba sa tla hlola ba tsoha.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan