Dipesaleme 30 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya teboho ya motho ya thusehileng bolwetseng bo tshabehang. Pesaleme; sefela sa Davida bakeng sa kgakolo ya ntlo. 1 Jehova, ke a o hodisa, hobane o mpholositse, mme ha o a ka wa lesa hore bao e leng dira ho nna ba thabe ka nna. 2 Jehova, Modimo wa ka, ka na ka howa ho wena, mme o mphodisitse. 3 Jehova, o nyolotse moya wa ka nqalong ya bafu, o ntsositse, hore ke se theohele lebitleng. 4 Binelang Jehova, lona bakgethwa ba hae, le rorise lebitso la hae le halalelang. 5 Hobane kgalefo ya hae ke ya motsotso feela, empa mohau wa hae o tshwere bophelo bohle ba motho; leha dillo di ka fapohela ho rona bosiu, hosasa e se e le nyakallo. 6 Ho iketleng ha ka, ke fela ke ne ke itse: Nke ke ka sisinyeha le ka mohla o le mong! 7 Jehova, o ne o tiisitse thaba ya ka ka mohau wa hao; empa o kile wa pata sefahleho sa hao, mme ka tsieleha. 8 Jehova, ka ba ka howa ho wena, ka beela Jehova thapedisiso ya ka, ka re: 9 Na o ka ruang ka madi a ka le ka ho theohela ha ka lebitleng? 10 Na lerole le ka o rorisa, kapa le ka bolela botshepehi ba hao na? 11 Jehova, mamela, o nkutlwele bohloko! Jehova, o be o nthuse! 12 Wa ba wa fetola dikgapa tsa ka nyakallo, wa lokolla lesela la ka le mahwashe, wa ntlama ka senyepa sa thabo, pelo ya ka e tle e o binele, e se ke ya kgutsa. Jehova, Modimo wa ka, ke rata ho o rorisa ka ho sa feleng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa