Dipesaleme 3 - Sesotho 1909/1961 (SO)Sefela sa hosasa sa mohlomohi. Pesaleme ya Davida ya mohla a balehang pela Absalome, mora hae. 1 Jehova, bao e leng dira ho nna ba bangata hakakang! Ba bangata hakakang ba ntsohelang matla! 2 Ba bangata hakakang ba reng bakeng sa moya wa ka: Ha a sa na polokeho ho Modimo. (Sela.) 3 Empa wena, Jehova, o thebe e ntshireletsang, o kganya ya ka, hlooho ya ka e eme ka wena. 4 Ke bitsa ho Jehova ka lentswe la ka, mme o nkaraba a le thabeng ya hae e kgethehileng. (Sela.) 5 Ke a sekama, ke robale boroko, mme ke boele ke phaphame, hobane Jehova o a ntiisa. 6 Ha ke tshohe dikete tsa batho ba ntikileng ho ntwantsha. 7 Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo. 8 Poloko e tswa ho Jehova! Lehlohonolo la hao ha le ke le be hodima setjhaba sa hao. (Sela.) |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa