Dipesaleme 28 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya ho kopa thuso le ya teboho nakong tsa meferefere. Pesaleme ya Davida. 1 Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng. 2 Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka! 3 O se ke wa ntlosa hammoho le ba babe le ba etsang bokgopo, ba bolelang kgotso ho ba habo, athe bolotsana bo ka dipelong tsa bona. 4 O ba fe moputso o lokelang mesebetsi ya bona le bolotsana ba diketso tsa bona! O ba putse ka mosebetsi wa matsoho a bona, o busetse ho bona kamoo ba entseng kateng. 5 Hobane ha ba ele diketso tsa Jehova hloko, leha e le mosebetsi wa matsoho a hae, Jehova o tla ba diha, a ke ke a ba ahisa! 6 Ho roriswe Jehova, hobane o utlwile lentswe la dithapedisiso tsa ka! 7 Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka. 8 Jehova ke matla a setjhaba sa hae, ke qhobosheane ya poloko ho motlotsuwa wa hae. 9 Jehova, o boloke setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao, o be modisa wa bona, o ba tiise ka ho sa feleng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa