Dipesaleme 26 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya mohloriswa ya se nang molato ha a hlolohetswe ntlo ya Modimo. Pesaleme ya Davida. 1 Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe. 2 O ntekole, Jehova, o batlisise ho nna! O leke letheka la ka le pelo ya ka! 3 Hobane mohau wa hao o pela mahlo a ka, mme ke latela nnete ya hao. 4 Ha ke dule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi. 5 Ke hloile mokgatlo wa ba bolotsana, ha ke dudisane le batho ba babe. 6 Ke hatlela matsoho a ka ho lokeng, ke pota aletare ya hao, Jehova, 7 ke ntse ke kgeleketsa lentswe la diteboho le ho bolela mehlolo ya hao kaofela. 8 Jehova, ke rata leaho la ntlo ya hao, le nqalo moo kganya ya hao e leng teng. 9 O se ke wa tlosa moya wa ka le baetsadibe, leha e le bophelo ba ka le ba batho ba madi, 10 ba tshwereng polao matsohong a bona, mme seatla sa bona se setona se tletse dineo tsa qeko! 11 Haele nna, ke tla nne ke tsamaye ka toka ya ka; o mpoloke, o nketse ka mohau! 12 Leoto la ka le tiya tseleng e lokileng. Ke tla roka Jehova diphuthehong. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa